Superior W200 Cell Phone User Manual


 
41
Mokgwa wa bosiu – ntlafatsa boleng ba video
maemong a kganya e fokolang.
•Ho hlaka – kgetha diponahalo tse fapaneng bakeng
sa video ya hao.
Ditshwantsho le dikotwana tsa video
Fono e ya hao e tla le kgetho ya ditshwantsho le
dikotwana tsa video, tse bolokwang memoring e sa
tshelang. Ditshwantsho le divideo tsohle di bolokilwe ho
Taolo ya faele. Palo ya ditshwantsho kapa dikotwana
tsa video tseo o ka di bolokang e itshetlehile hodima
saese ya difaele. Ho na le tshehetso bakeng sa GIF,
JPEG, WBMP, BMP, PNG, MP4 le 3GP.
Ho bontsha ditshwantsho tsa hao
1 Ho tswa boemong ba standby kgetha Menu } Taolo ya
faele } Ditshwantsho } Ditsh.tsa khame.
2 Ditshwantsho di bontshwa ka tjhebo ya ‘thumbnail’,
bakeng sa ponahalo e feletseng } Sheba.
3 } E batalet. ho sheba ditshwantsho ka ho tshekalla.
4 } Tse ding ho bontsha dikgetho.
Ho bontsha dikotwana tsa hao tsa video.
1 Ho tswa boemong ba standby kgetha Menu } Taolo ya
faele } Divideo } Dikoto tsa video.
2 } Sheba } Bapala.
3 } Emisa le } Tse ding ho bontsha dikgetho.
Ho batla ditshwantsho tsa khamera ka dinako tsa tsona.
1 Ho tswa boemong ba standby kgetha Menu } Taolo ya
faele } Ditshwantsho } Ditsh.tsa khame.
2 } Tse ding } Ho batla ka nako ebe o lekola ditshwantsho
tsa khamera, tse hlophilweng ho latela kgwedi tlhophong
ya nako.
This is the Internet version of the User's guide. © Print only for private use.