Superior W200 Cell Phone User Manual


 
79
Tlhokomediso:
Haeba sesebediswa se hloka adaptara ho kenngwa fonong kapa
sesebedisweng, se ke wa kenya karete ka kotloloho ntle le adaptara
e hlokehang.
Mehato ya Tlhokomelo mabapi le Tshebediso ya Karete ya Memori:
Se ke wa beha karete ya memori dibakeng tse mongobo.
Se ke wa thetsa dikgokelo tsa ditheminale ka letsoho la hao kapa
dikarolwana tsa tshepe.
Seke wa otla, wa koba, kapa wa diha karete ya memori.
Seke wa leka ho qhaqholla kapa wa fetola karete ya memori.
Se ke wa sebedisa karete ya memori dibakeng tse mongobo kapa
dibakeng tse ka kgakgaphehisang kapa motjhesong o mongata
haholo jwalo ka ka koloing nakong ya hlabula, jwalo jwalo.
Seke wa tobetsa kapa wa koba qetello ya adaptara ya karete ya
memori ka matla a maholo.
Se ke wa dumella ditshila, kapa dintho tse tswang ka thoko ho
kena karolong ya ho kenya ya adaptara efe kapa efe ya karete
ya memori.
Hlahloba hore o kentse karete ya memori ka nepo.
Kenya karete ya memori ho fihlella moo e fellang ka adaptareng
efe kapa efe ya karete ya memori e hlokehang. Karete ya memori
e ka nna ya se sebetse ka nepo haeba e sa kenngwa ka botlalo.
Re kgothaletsa hore o etse bekapo ya khopi ya data ya bohlokwa.
Ha re jare boikarabello bakeng sa tahlehelo kapa tshenyehelo
dikahareng tseo o di bolokileng kareteng ya memori.
Data e rekotilweng e ka senyeha kapa ya lahleha ha o ntsha
karete ya memori kapa adaptara ya karete ya memori, tima
motlakase ha o fomata, o bala kapa o ngola data, kapa
o sebedisa karete ya memori dibakeng tse nang le motlakase
wa setatiki o phahameng kapa dibaka tse ntshang motlakase
omongata.
This is the Internet version of the User's guide. © Print only for private use.