Superior W200 Cell Phone User Manual


 
68
Tlhahisoleseding ya bohlokwa
Setsha sa Inthanete sa Sony Ericsson bakeng sa
Bareki
Ho www.sonyericsson.com/support ho na le karolo ya tshehetso
moo thuso le maqheka di leng feela ntlheng ya menwana ya hao.
Mona o ka fumana mahlale a khomphuta a morao rao le maele
mabapi le ka moo o ka sebedisang sehlahiswa sa hao ka nepo.
Tokiso le tshehetso
Ho tloha hajwale o tla ba le phihlello potefoliong ya tshebeletso
e kgethehileng le menyetla e jwalo ka:
Ditsha tsa inthanete tsa lefatshe lohle le tsa lehae tse fanang
ka tshehetso.
Marangrang a akaretsang lefatshe lohle a Ditsi tsa Mehala.
Marangrang a pharaletseng a balekane ba ditshebeletso ba
Sony Ericsson.
Nako ya tiisetso. Ithute haholwanyane ka maemo a tiisetso
Bukaneng ena ya mosebedisi.
Ho www.sonyericsson.com, tlasa karolo ya tshehetso lelemeng
la kgetho ya hao, o tla fumana dithulusi tsa tshehetso tsa moraorao
le tlhahisoleseding, jwalo ka diapdeite tsa software, Setsi sa tsebo,
Ho seta fono le thuso ya tlatsetso ha o e hloka.
Bakeng sa ditshebeletso tse kgethehileng tsa opareitara
le ditshebetso, ka kopo ikopanye le molaodi wa leqhubu wa
hao bakeng sa tlhahisoleseding e feletseng.
Hape o ka ikopanya le Ditsi tsa Mehala tsa rona. Sheba nomoro
ya fono bakeng sa Setsi sa Mehala se haufi le wena lenaneng
le latelang. Haeba naha/tikoloho ya heno e le siyo lenaneng lena,
ka kopo ikopanye le morekisi wa hao. (Dinomoro tsa fono tse katlase
mona di ne di nepahetse ka nako eo re yang ho hatisa bukana ena.
Ho www.sonyericsson.com kamehla o tla fumana diapdeite tsa
moraorao.)
This is the Internet version of the User's guide. © Print only for private use.