Superior W200 Cell Phone User Manual


 
81
O fuwa laesense ena bakeng sa nako eo Sesebediswa sena se
ntseng se sebetsa hantle. O ka fedisa laesense ena ka ho fetisetsa
ditokelo tsohle tsa hao Sesebedisweng seo o amohetseng Software
ena ho sona ho motho e mong ka mongolo. Haeba o hloleha ho
ikamahanya le pehelo efe kapa efe hara dipehelo tse hlalositsweng
laesenseng ena, e tla fediswa hang hang.
Sony Ericsson le bafepedi ba yona ka thepa ba ka thoko ke bona
feela beng ba Software ena ka ho kgetheha mme ba na le ditokelo
tsohle, leruong la thepa ya Software ena le ditabatabelong tse hodima
Software ena le tse mabapi le yona. Sony Ericsson, le, ho fihla moo
Software e nang le thepa kapa khoutu ya batho ba kathoko, batho
ba jwalo ba kathoko, e tla ba majalefa a kathoko a nang le ditokelo
dipehelong tsena.
Tumello, tlhopho le tshebetso ya laesense ena di tla laolwa ke melao
ya Sweden. Se hlalositsweng kahodimo mona se tla ama kahohle
hohle ka moo molao o dumellang ka teng, ha ho hlokeha, ditokelo
tsa bareki.
Tiisetso e Behetsweng moedi
Sony Ericsson Mobile Communications AB, S-221 88 Lund,
Sweden, (Sony Ericsson), kapa khampani ya heno e sebeletsang
le yona e fana ka Tiisetso e Behetsweng moedi bakeng sa fono
ya hao le disebediswa tse tlileng le yona ha e rekwa (seo ho tloha
mona se tla bitswa ‘‘Sehlahiswa’’).
Haeba Sehlahiswa sa hao se hloka tokiso tlasa tiisetso, ka
kopo se kgutlisetse ho morekisi eo se rekilweng ho yena, kapa
ikopanye le setsi sa Sony Ericsson Call Center se haufi le wena
(ditefiso tse akaretsang naha di ka sebediswa) kapa etela
www.sonyericsson.com.
Tiisetso ya rona
Ho ipapisitswe le dipehelo tsa Tiisetso ena e Behetsweng Moedi,
Sony Ericsson, Sweden e fana ka tiisetso hore Sehlahiswa sena
ha se na mathata a moetso, thepa e se entseng kapa a tshebetso
ya ho se etsa ka nako ya theko ya sona ke moreki, le nakong ya
selemo se le seng (1) kamorao ho moo.
This is the Internet version of the User's guide. © Print only for private use.