Sony Ericsson J220i Cell Phone User Manual


 
34
Ho etsa melaetsa
Dinomoro tsa tshebeletso
O lokela ho ba le nomoro ya setsi sa tshebeletso pele o ka romela
molaetsa wa mongolo. Nomoro ena e fanwa ke mofani wa
ditshebeletso wa hao. Haeba e sa bolokwa ho SIM card ya hao,
o lokela ho hlakisa nomoro eo ka bowena.
Ho hlahloba nomoro ya setsi
sa
ditshebeletso sa hao
1 } Melaetsa } YES } Mlts. wa mongolo } YES } Dikgetho
} YES } Ditsi-tshebelets. } YES. Haeba ho se nomoro
e fumaneng } O kenya e ntjha? } YES.
2 Kenya nomoro, ho kenyeletswa le letshwao la matjhaba
+ le khoutu ya naha/tikoloho }
YES.
Melaetsa ya mongolo
O ka sebedisa SMS (Short Message Service) ho romela
le ho amohela melaetsa ya mongolo. Molaetsa wa mongolo
o ka ba le ditshwantsho le medumo.
Ho romela molaetsa wa mongolo
1 } Melaetsa } YES } Mlts. wa mongolo
} YES } Ngola o motjha } YES.
2 Kenya molaetsa wa hao } YES, % 14 Ho kenya dithaku
le dipopeho (characters).
3 Kenya nomoro ya fono ya moamohedi kapa
e
fumane bukeng ya dinomoro ka ho tobetsa .
4 } YES ho romela molaetsa.
This is the Internet version of the user’s guide © Print only for private use.