Sony Ericsson J220i Cell Phone User Manual


 
85
Ho lahlwa ha thepa ya kgale
ya
motlakase le ya elektroniki
Letshwao le sehlahisweng sena kapa pakaneng
ya
sona le bontsha hore sehlahiswa sena ha se na
ho lahlwa jwalo ka matlakala a lapeng. Empa se tla
fanwa sebakeng se lokelang moo ho bokeletswang
thepa bakeng sa ho hlahiswa botjha ha thepa ya motlakase
le
ya elektroniki. Ka ho netefatsa hore sehlahiswa sena se lahlwa
ka
tsela e nepahetseng, o tla thusa ho qoba mathata a ka hlahang
a
tikoloho le a maphelo a batho, a neng a ka bakwa ke ho lahlwa
ha
matlakala a thepa ena ka tsela e fosahatseng. Ho etswa botjha
ha
thepa ho tla thusa ho baballa dihlodilweng. Bakeng sa dintlha tse
feletseng mabapi le ho hlahiswa botjha ha thepa, ka kopo ikopanye
le ofisi ya toropo ya heno kapa tshebeletso ya ho lahlwa ha matlakala
kapa lebenkele leo o rekileng sehlahiswa ho lona.
Ho lahlwa ha betri
Ka kopo hlahloba melawana ya ho lahlwa ha dibetri
kapa o letsetse Sony Ericsson Call Center bakeng
sa
tlhahisoleseding.
Le ka mohla betri ha e a lokela ho lahlelwa matlakaleng
a masepala. Sebedisa sebaka sa ho lahlwa ha dibetri
haeba se le teng.
Tumellano ya Laesense ya Mosebedisi
wa ho Qetela (End User Licence
Agreement)
Sesebediswa sena sa waelese (“Sesebediswa”) se na le software
eo
leng thepa ya Sony Ericsson Mobile Communications
AB
(“Sony Ericsson”) le dikhampani tse sebeletsanang le yona
(“Sony
Ericsson”) le bafepedi ba bang ba yona ba thepa le beng
ba
dilaesense ba ka thoko (“Software”).
Jwalo ka mosebedisi wa Sesebediswa sena, Sony Ericsson
e
o fa laesense e sa kgetheng wena o le mong feela, e ke keng
ya
fetisetswa mothong e mong, ya dumellwa tshebediso ke motho
e
mong, hore o sebedise Software ena feela mmoho le Sesebediswa
This is the Internet version of the user’s guide © Print only for private use.