Sony Ericsson J220i Cell Phone User Manual


 
79
Ditaelo bakeng sa Tshebediso
e
Bolokehileng e Sebetsang hantle
Ka kopo bala tlhahisoleseding ena pele o sebedisa
fono
ya hao.
Ditaelo tsena di reretswe ho polokeho ya hao. Ka kopo
latela malawana ena Haeba sehlahiswa se ka ba tlasa
maemo afe kapa afe hara a fanweng ka tlase mona kapa
haeba o nale kgwao mabapi le tshebetso e nepahetseng
etsa bonnete ba hore sehlahiswa se hlahlojwa ke molekane
wa
ditokiso ya nang le tumello pele o se tjhaja kapa ho se sebedisa.
Ho hloleha ho etsa jwalo ho ka lebisa kotsing ya hore sehlahiswa
se
se sebetse kapa se bake kotsi bophelong ba hao.
Dikgothaletso tse mabapi le tshebediso
ya
sehlahiswa ka polokeho (selefounu, betri,
tjhaja le disebediswa tse ding tse kathoko)
Kamehla tshwara sehlahiswa sa hao ka tlhokomelo mme
o
se boloke sebakeng se hlwekileng se hlokang lerole.
Tlhokomediso! E ka phatloha haeba e lahlelwa
mollong.
Se ke wa beha sehlahiswa sa hao dibakeng tse
metsi kapa tse mongobo kapa tse fufulelwang.
Se ke wa beha sehlahiswa sa hao dibakeng tse
tjhesang kapa ho bata haholo. Se ke wa beha betri
dibakeng tse nang themparetjhara e ka hodimo
ho
+60°C (+140°F).
Se ke wa beha sehlahiswa sa hao pela malakabe
kapa kwae e hoteditsweng.
Seke wa diha, wa betsa kapa wa leka ho koba
sehlahiswa sa hao.
Se ke wa penta sehlahiswa sa hao.
Se ke wa leka ho qhaqholla kapa ho fetola
sehlahiswa sa hao. Ke feela balekane
ba
Sony Ericsson ba fuweng tumello ba lokelang
ho
se lokisa.
This is the Internet version of the user’s guide © Print only for private use.