Sony Ericsson J220i Cell Phone User Manual


 
84
Bakeng sa difono tse rekiswang naheng ya U.S., pele mmotlolo
wa
fono o fumaneha mme o rekisetswa setjhaba, o lokela ho etswa
diteko le ho fuwa tumello ke FCC hore ha o fete moedi o behilweng
ke
ditlhoko tse thehilweng ke mmuso mabapi le polokeho kgahlanong
le kgahlamelo ya maqhubu a radio. Diteko di etswa maemong
le
dibakeng tsena (ke hore, ka tsebeng le ho aparwa mmeleng) jwalo
ka ha FCC e hloka bakeng sa mmotolo ka mong. Bakeng sa tshebediso
ya selefounu ka ho e boloka mmeleng, fono ena e phethahatsa diteko
tsa FCC tse mabapi le kgahlamelo ke maqhubu a radio (RF) ha sete
ya letsohong e le bohole ba bonyane 15 mm thoko le mmele moo
ho
se nang dikarolwana dife kapa dife tsa tshepe haufinyane le fono
kapa ha e sebediswa mmoho le sesebediswa se e bolokang mmeleng
sa nnete sa Sony Ericsson se reretsweng fono ena. Tshebediso
ya
disebediswa tse ding tse ka thoko e ke ke ya netefatsa boitlamahanyo
le ditlhoko tsa FCC tse mabapi le kgahlamelo ya maqhubu a radio (RF).
Leqephe le kathoko le fanang ka tlhahiso-leseding ya SAR mabapi
le
motlolo ona wa fono le kenyeleditswe hara dintho tse tlang le fono
ena. Tlhahisoleseding ena e ka fumaneha hape, mmoho
le
tlhahisoleseding e feletseng ka kgahlamelo ya maqhubu a radio
le
SAR, ho: www.SonyEricsson.com.
Di-Solution tse fihlellehang/Ditlhoko
tse
kgethehileng
Bakeng sa difono tse rekiswang naheng ya U.S., o ka sebedisa
theminale ya hao ya TTY mmoho le selefounu ya hao ya Sony Ericsson
(ka sesebediswa se nepahetseng se ka thoko). Bakeng
sa
tlhahisoleseding e mabapi le “Accessible Solutions” bakeng sa batho
ba nang le ditlhoko tse kgethehileng letsetsa Special Needs Center
ho 877 878 1996 (TTY) kapa 877 207 2056 (lentswe), kapa etela
Sony Ericsson Special Needs Center ho
www.SonyEricsson-snc.com.
This is the Internet version of the user’s guide © Print only for private use.