Sony Ericsson J220i Cell Phone User Manual


 
82
Ho kganna
Ka kopo hlahloba hore na melao le melawana di thibela tshebediso
ya
difono ha o qhoba kapa e hloka hore baqhobi ba sebedise ‘handsfree
solutions’. Re kgothaletsa hore o sebedise feela ‘Sony Ericsson
handsfree solutions’ e reretsweng tshebediso mmoho le sehlahiswa
sa hao.
Ka kopo hlokomela hore ka lebaka la kgonahalo ya tshitiso ya thepa
ya elektroniki, baetsi ba bang ba makoloi ba thibetse tshebediso
ya
diselfounu makoloing a entsweng ke bona ntle le haeba 'handsfree
kit’ ya lenakana (antenna) la kantle e tshehetsa kgokelo eo.
Kamehla fadimehela ka ho tlala ho qhoba ha hao mme o ntshe koloi
tseleng le ho e paka pele o etsa kapa o araba call haeba maemo
a
ho qhoba a hloka jwalo.
Di-call tsa tshohanyetso
Difono tsa tseleng tse sebedisang matshwao a radio, di ke ke tsa fana
ka tiisetso ya kgokelo maemong ohle. Ka hona le ka mohla ha o a
lokela
ho itshetleha hodima selfounu efe kapa efe bakeng sa dikgokahano
tsa bohlokwa (jwalo ka maemong a tshohanyetso a tsa bongaka).
Di-call tsa tshohanyetso di ka nna tsa se ke tsa kgona ho etswa dibakeng
tsohle, ho mefuta ya dinetweke tsa diselfounu kaofela kapa
ha
ditshebeletso tse itseng tsa maqhubu le/kapa ditshebetso tse itseng
tsa fono di le tshebetsong. Batla tlhalosetso ya sena ho mofani wa hao
wa ditshebeletso.
Lenakana
Fono ena e na le lenakana le aheletsweng ho yona. Tshebediso
ya
manakana a sa dumellwang kapa a sa rekisweng ke Sony Ericsson
bakeng sa mmotlolo ona wa fono e ka senya selefounu ya hao,
ya
fokotsa matla a tshebetso ya yona, ya fana ka maemo a SAR
a
ka hodimo ho meedi e behilweng (sheba ka tlase mona).
This is the Internet version of the user’s guide © Print only for private use.