Sony Ericsson J220i Cell Phone User Manual


 
86
seo e kentsweng ho sona. Ha ho letho le kenyeleditsweng mona
le
tla nkuwa e le thekisetso ya Software ena ho mosebedisi
wa
Sesebediswa sena.
Ha o a lokela ho hlahisa botjha, ho fetola, ho hasanya, ho fetola ka tsela
ya boenjineri, ho hlopholla, ho fetola ka tsela e nngwe kapa ho sebedisa
ka tsela efe kapa efe e sele hore o fumane khoutu ya mohlodi wa
Software kapa karolo efe kapa efe ya Software. Ho qoba kgwao
e
ka bang teng, o dumeletswe nako yohle ho fetisetsa ditokelo
le
maikarabello ohle mabapi le Software ena ho motho e mong, ha feela
e le mmoho le Sesebediswa seo motho eo a amohetseng Software
le
sona, mme kamehla motho ya jwalo a dumela ka mongolo hore
o
tla tlangwa ke melao ena.
O fuwa laesense ena bakeng sa nako eo Sesebediswa sena se ntseng
se sebetsa hantle. O ka fedisa laesense ena ka ho fetisetsa ditokelo
tsohle tsa hao Sesebedisweng seo o amohetseng Software ena ho
sona ho motho e mong ka mongolo. Haeba o hloleha ho ikamahanya
le pehelo efe kapa efe hara dipehelo tse hlalositsweng laesenseng
ena, e tla fediswa hang hang.
Sony Ericsson le bafepedi ba yona ka thepa ba ka thoko ke bona
feela beng ba Software ena ka ho kgetheha mme ba na le ditokelo
tsohle, leruong la thepa ya Software ena le ditabatabelong tse hodima
Software ena le tse mabapi le yona. Sony Ericsson, le, ho fihla moo
Software e nang le thepa kapa khoutu ya batho ba kathoko, batho
ba
jwalo ba kathoko, e tla ba majalefa a kathoko a nang le ditokelo
dipehelong tsena.
Tumello, tlhopho le tshebetso ya laesense ena di tla laolwa ke melao
ya Sweden. Se hlalositsweng kahodimo mona se tla ama kahohle
hohle ka moo molao o dumellang ka teng, ha ho hlokeha, ditokelo
tsa
bareki.
Tiisetso e Behetsweng moedi
Sony Ericsson Mobile Communications AB, S-221 88 Lund, Sweden,
(Sony Ericsson, e fana ka Tiisetso e Behetsweng Moedi bakeng
sa
selfounu ya hao le disebediswa tse ding tse tlileng le yona
(eo
ho tloha mona e tla bitswa “Sehlahiswa”).
This is the Internet version of the user’s guide © Print only for private use.