Sony Ericsson J220i Cell Phone User Manual


 
72
Tharollo ya mathata
Kgaolo ena e fana ka a mang a mathata ao o ka kopanang
le ona ha o sebedisa fono ya hao. Mathata a mang a hloka
hore o letsetse mofani wa hao wa ditshebeletso, empa
boholo ba mathata ana o ka itharollela wona.
Fono e hana ho kena tshebetsong
Tjhaja betri kapa o batle e ntjha
% 6 Ho kenya SIM card le betri.
Ha ho letshwao la hore betri e a tjhaja
Ha o qala ho tjhaja betri e se nang letho kapa betri
e sa sebediswang nako e telele, ho ka nka nako e fihlang
ho metsotso e 30 pele letshwao la mitara ya betri le hlahella
pontshong.
Leleme la menu
Haeba pontsho e bontsha leleme leo o sa le utlwisiseng,
kamehla o ka seta se latelang ho standby:
Tobetsa 0000 bakeng sa di-menu tsa English.
Tobetsa 8888 bakeng sa ho iketsa (automatic),
di-menu tsa haufi.
Dikgetho tsa menu ya mmala
o
mothokwa
Mongolo o mothokwa (grey) ke sesupo sa hore tshebediso
ha e fumanehe nakwana, ho etsa mohlala, ka lebaka la kgokelo
ya hao kapa ka lebaka la setting e itseng e sa bulelwang.
Ere kaha o ke ke wa romela ditshwantsho le medumo
e
sireleditsweng ka molao wa kopiraete, menu ya Romela
e ke ke ya fumaneha ka nako e nngwe.
This is the Internet version of the user’s guide © Print only for private use.