Sony Ericsson J220i Cell Phone User Manual


 
87
Ha ho ka etsahala hore Sehlahiswa sa hao se hloke ho lokiswa
tlasa tshebeletso ya tiisetso, ka kopo se kgutlisetse ho morekisi
eo o se rekileng ho yena, kapa ikopanye le Sony Ericsson Call
Center (ditefiso tsa naheng di ka lefiswa) kapa o etele
www.SonyEricsson.com ho fumana tlhahiso-leseding e feletseng.
Tiisetso ya rona
Ho ipapisitswe le dipehelo tsa Tiisetso ena e Behetsweng Moedi,
SonyEricsson, Sweden e fana ka tiisetso hore Sehlahiswa sena
ha se na mathata a moetso, thepa e se entseng kapa tshebetsong
ya
ho se etsa ka nako ya theko ya sona ke moreki, le nakong
ya selemo se le seng (1) kamorao ho moo.
Seo re tlang ho se etsa
Haeba, nakong ya tiisetso, Sehlahiswa sena se ka hloleha ho sebetsa
tlasa maemo a tlwaelehileng a tshebediso le tshebetso, ka lebaka
la thepa e sa nepahalang kapa ho se ahwe ka tsela e nepahetseng,
bahwebi ba SonyEricsson ba banyenyane kapa barekisi
ba
dumeletsweng kapa balekane ba yona ba etsang ditokiso ba tla etsa,
naheng/tikolohong* eo o rekileng Sehlahiswa ho yona, ka kgetho
ya
bona, ditokiso kapa ba fane ka Sehlahiswa se seng boemong
ba seo ho latela dipehelo le maemo a hlalositsweng mona.
SonyEricsson le balekane ba yona ba etsang ditokiso ba na le tokelo
ya ho lefisa tshebeletso ya tokiso haeba Sehlahiswa se kgutlisitsweng
se fumanwa se se tlasa tiisetso ho latela dipehelo tse hlalositsweng
ka tlase mona.
Ka kopo hlokomela hore tse ding tsa di-setting tsa hao, tse jarollwang
kapa tlhahiso-leseding e nngwe di ka lahleha ha Sehlahiswa sa hao
sa Sony Ericsson se lokiswa kapa o fuwa sesele. Hajwale Sony Ericsson
e ka na ya thibelwa ke molao o amehang, taelo e nngwe kapa thibelo
ya setegeniki hore e se etse dikopi tsa tlatsetso (backup) tsa dintho
tse ding tse jarolotsweng. Sony Ericsson ha e jare boikarabello bofe
kapa bofe mabapi le tlhahiso-leseding ya mofuta ofe kapa ofe
e
lahlehileng mme ha e n aho o lefa bakeng sa tahlehelo efe kapa
efe e jwalo. O lokela hore kamehla o etse di-back up tsa dikopi tsa
tlhahiso-leseding e bolokilweng Sehlahisweng sa hao sa Sony Ericsson
jwalo ka dintho tse jarollotsweng ho inthanete, khalendara le mabitso
pele o fa Sony Ericsson Sehlahiswa ho se lokisa kapa ho fana
ka
se setjha.
This is the Internet version of the user’s guide © Print only for private use.