Sony Ericsson J220i Cell Phone User Manual


 
56
O ka kgetha ho tswa ho Data ya GPS kapa Data ya GSM
mefuta ya diakhaonto. Haeba o batla ho fetola mofuta
wa phihlello (access type), o lokela ho theha akhaonto
ya data e ntjha o kgethe mofuta wa phihlello oo o batlang
ho o sebedisa.
GPRS
GPRS (General Packet Radio Service) e dumella phihlello
ya kapele e tshepahalang hore o dule o hoketswe (online).
O hloka tshebeletso e tshehetsang GPRS.
Di-setting tsa GPRS tse fumanehang:
APN (Lebitso la aterese ya ntlha ya phihlello (Access
point name address)) – aterese ya leqhubu la data le kantle
(external data network) leo o batlang ho hokela ho lona,
e
ka ba aterese ya IP kapa mola wa mongolo.
Lebitso la mosebd. – lebitso la mosebedisi la hao le tla
o hokela ho leqhubu le kantle.
Password – password ya hao e tla o hokela ho leqhubu
le kantle.
Kopo ya passwd – haeba setting ena e le tshebetsong,
o kopuwa password nako le nako ha o kena ho leqhubu
le
kantle.
Dumella di-call (Tshebeletso e kgethilweng) – haeba o batla
ho kgona ho amohela di-call tse kenang ka nako ya kgokelo
ya GPRS, kgetha
Ea itaola (auto). Ho seng jwalo, kgetha
GPRS feela.
Aterese ya IP – aterese ya IP eo fono e e sebedisang
ha e le kgokahanong le leqhubu. Haeba o sa kenye aterese,
leqhubu le tla o fa aterese ya IP ya nakwana.
Aterese ya DNS – haeba leqhubu le sa fane ka aterese
ya IP ho DNS server ka ho iketsetsa (automatically),
o
ka ikenyetsa yona mona.
Di-setting tse pele (Di-setting tse hatetseng pele) – Tsona
ke tsa boikgethelo. Botsa molaodi wa leqhubu wa hao.
This is the Internet version of the user’s guide © Print only for private use.