Sony Ericsson J220i Cell Phone User Manual


 
74
Dikhoutu ha di tshwane
Ha o batla ho fetola khoutu ya tshireletso (ho etsa mohlala
PIN ya hao) o lokela ho netefatsa khoutu e ntjha ka ho e kenya
hape. Dikhoutu tse pedi tseo o di kentseng ha di tshwane
% 68 Senotlolo sa SIM card.
PIN e thibetswe/PIN2 e thibetswe
O kentse PIN kapa PIN2 e fosahetseng makgetlo a mararo
ka tatellano. Ho thibolla, % 68 Senotlolo sa SIM card.
PUK e thibilwe ikopanye le opareitara
O kentse personal unblocking key code (PUK) e fosahetseng
makgetlo a 10 ka tatellano. Ikopanye le molaodi wa leqhubu
wa hao kapa mofani wa ditshebeletso.
Senotlolo sa dikonopo
Fono e notletswe. Ho notlolla fono, % 69 Senotlolo sa fono.
Khoutu ya senotlolo sa fono
Fono ya hao e tla le khoutu ya senotlolo, 0000. O ka e fetolela
ho khoutu efe kapa efe ya dinomoro tse nne ho isa ho tse robedi,
% 69 Senotlolo sa fono.
Nomoro ha e dumellwe
Tshebediso ya ho daela ho sa fetoheng (fixed dialling)
e tshebetsong mme nomoro eo o e daetseng ha e lenaneng
la dinomoro tsa hao tse sa fetoheng (fixed numbers list),
% 30 ho daela ho sa fetoheng (fixed dialling).
This is the Internet version of the user’s guide © Print only for private use.